Hobane’ng re le maoto-mabeli
Sesotho
Litšoanelo Nei
Boholo-holong, batho ba ne ba khasa ka maoto le matsoho tjee feela ka liphoofolo tse maoto a mane. Ba ne ba le lebelo ho feta ‘mutla, lengau esita le tšukulu. Meomo le liphaka li ne li atamelane ho feta litho tsohle tsa ‘mele; li ne li e-na le linoka tse tšoanang ‘me tse nyallanang: mahetla le liqholo, litsu le mangole, maqaqailana le manonyeletso a matsoho, esita le maoto le matsoho ‘moho le menoana le manala a ‘ona. Menoana ea maoto le ea matsoho e ne e beakantsoe ka ho tšoana ho tloha menoaneng e meholo ho isa ho e menyenyane. Mehleng eo, monoana o moholo oa letsoho o ne o atamelane haholo ho e meng, joalokaha o moholo oa leoto o bapelane le e menyane. Maoto le matsoho ba ne ba bitsana bo-motsoala.
Litho tsena li ne li jara ‘mele ho o isa hohle moo o batlang, e ka ba setsing sa thekiso kapa sa papatso, ho hloella le ho theoha lifate le lithaba, le hohle feela moo ho hlokahalang motsamao. Le ka metsing li ne li sebetsa ‘moho ho thusa ‘mele ho phaphamela kaholim’a metsi, ho sesa le ho qoela. Ruri li ne li utloisisana ‘me li e-na le bolokolohi le tšebelisano-‘moho. Ho feta mona, li ne li kalima litsebo tse itseng ho litho tse ling tsa ‘mele, joaloka molumo ho molomo, kutlo ho tsebe, monko ho nko esita le pono ho mahlo!
Kutloano le kutluisisano e kana-kana ea maoto le matsoho e ile ea lula litho tse ling tsa ‘mele habohloko, ‘me litho tsena tsa hlasa, tsa tlaloa ke mōna. Li ile tsa tenoa hape le ke hore li alimana ka litsebo tsa tsona ho maoto le matsoho tsa lebala hore leha ho le joalo, li tsamaisoa libakeng tsohle ke maoto le matsoho. Eaba joale li rerela litho tsena tse peli tse utloanang bora. Leleme la kalima leqheka ho tsoa ho boko la ho ipotsa le sa qete hore na ebe pakeng tsa maoto le matsoho, ea matla ke mang. Ho fihlela mothating oo, maoto le matsoho li ne li e-so ikhathatse ka ho tseba hore na li ikhetholla ka litsebo lifeng ho likarolo tse ling tsa ‘mele. Bobeli bona ba ntano alima puo ho molomo eaba ba ithoka makhabane a bona le kamoo ba okametseng litho tse ling tsa ‘mele. Toko-toko, matsoho a iphafa botle le bolelele ba menoana ea ‘ona, a bua e soentse e phoqa menoana ea maoto e metenya e mekhutšoane. Khele! Eaka a ka se cho joalo, maoto le ‘ona a kena khabong, a iqabola ka menoana ea matsoho e otileng ke ho bolaoa ke tlala. Qaka ena ea hla ea nka matsatsi ntle le phethoho, ho feta moo mosebetsi le ona o ile oa qepha. Ke mona moo bobeli bona bo ileng ba lumellana ho kopa boeletsi bo senang leeme ho litho tse ling tsa ‘mele.
Leleme la etsa tlhahiso ea hore ho mpe ho be le tlholisano. “Aa mohopolo o motle!”: bohle ba lumela empa pharela ea e-ba hore na ho tla hlolisanoa ka eng. Bang ba re ho betanoe ho bonoe ea matla, ba bang ba re ho betsoe marumo, kapa lebelo esita le papali ea moraba-raba empa ea e-ba khang hore na ba lumellana ka efeng. Eaba leleme le boetse le kalima monahano ho tsoa bokong, oa hore setho ka seng, lipakeng tsa maoto le matsoho, se tla hlaha ka teko ea sona ka ho latellana. Eaba ho ba le tumellano.
La fihla le sa hane letsatsi la litlholisano. Sebaka sa khethoa hantle ka har’a moru sepaka-pakeng pel’a noka. Litho tsohle tsa ‘mele tsa e-ba malala-a-laotsoe li itokisetsa kotsi e ka amang ‘mele haele mona ntoa e loanoa ho ‘ona. Mahlo a thalatsa hole le haufi, litsebe tsa e-ba lethoethoe ho utloa leha e le mokhoathatsanyana, nko ea mina ea hloeka e lokisetsa ho fofonela menko eohle e ka tlolang litsebe le mahlo; haele leleme lona le se le emetse ho hoeletsa haeba ho ka hlaha kotsi.
Litaba tsa tlholisano ena tsa pharalla ho ea fihla qoleng tse ‘ne tsa moru esita le ka metsing le moeeng. Liphoofolo tse maoto-mane li ile tsa fihla pele, ‘me bongata ba tse kholo bo ne bo phahamisitse makala a matala a bonts’ang khotso. E ne e le pono e ntle ruri ea mehlapehali e akhang mangau, linkoe, litau, litšukulu, liphiri, litlou, lithuhlo, likamele, matsa, litšephe, limmutla, likhoiti le likhoto. Har’a liphoofolo tse lulang ka metsing ho ne ho le teng likubu, litlhapi le likuena leha li ne li hlahile ka lihlooho le mahetla feela li siile likarolo tse ling tsa ‘mele ka metsing. Hoa tla fihla tse maoto-mabeli; limpshe, likhaka le lipikoko li phakalatsa mapheo ke thabo. Linonyana tsona li sa itheka moroalo ka pina holimo makaleng a lifate. Matjeketjane pina ea e-ba e kholohali. Likho, mafokololi le mesika-phalla tsa kena li khasa fatše le lifateng, athe ha ele mampetje a tla a iqeka butle-butle joaloka mehla. Mekholutsoane e ne e sitoa ho tsitsa nqa e le ‘ngoe, e qhomela mona le mane. Tsa kena litšoene ka mefuta li tšoara le hona ho hlokohla makala a lifate, ‘me tsona tseo lifate tsa ba tsa inama ho fihlela li emisa tsi! ho sisinyeha.
Molomo oa bula mosebetsi ka pina:
Rea ithabisa
Rea ithabisa
Hobane re tsoa khonong e le ‘ngoe
Eaba maoto le matsoho li ikana hore li tla amohela sephetho sa litlholisano ntle le likhang kapa manyofo-nyofo a boipelaetso. Ea hla ea e-ba matsoho a thakholang tlholisano, teko ea pele e bile ho akhela sekoqo sa patsi fatše ‘me tebello e le hore se phahamisoe ke maoto se be se akheloe thokoana. Maoto a ne a lumelletsoe hore a ka thakelana malebela; a sebetsa ‘moho kapa ka bomong a akha le menoana ea ‘ona lebakeng la ho fihlela tlholo. Ao! a leka ho phethola patsi eo, ho e suthumetsa, a etsa meeka le mehlolo empa hoa tšoana le ho hobella letlapeng. Maoto a ile a hloleha ho e tlosa feela, a anela ho e rahela pejana. Eitse ha matsoho a bona sena, a kalima lentsoe ho molomo ‘me a itlepa litšeho. Eaba a tsoa a ikhantšitse hee matsoho, a inyaka menoana e metle e melelele, a fihla a nka sekoqo sa patsi ebile a se tjebela hare ho moru koana.
Khele! Letšoele la ba tlaka la ba thoholetsa, le ‘ona matsoho a seke a itheka moroalo. Joale a hlahisa litsebo tsa ‘ona joaloka ho khetha majoe lijo-thollong, ho kenya khareng naleng, a etsa mochini o sebelisang likhoele ho phahamisa patsi tse boima, a nto etsa marumo a betsetsoang hojana. Maoto esale a makala a khalla ho tseba ho etsa tsena tsohle, ebile ka bokhabane seka bo-motsoal’a bona.
Maoto a shebella ka pelo e bohloko ha babohi ba opa liatla ka morethetho o lumellanang le bana bo motsoala. Leha ho le joalo a seke a lahla tšepo moo a lutseng a ntse a ngola ka har’a lehlabathe bosafeleng ka monoana o moholo. Qetellong, maoto ke ha a loha leqheka le tla thusa hore a hlole tlholisano eo.
Ea fihla e se khale nako ea hore maoto a fane ka teko, ‘me a hla a bolela kamoo e leng teko e bonolo ka teng. Matsoho a ne a lebelletsoe ho jara ‘mele ho tloha qalong ea selikalikoe sa litlholisano ho isa qetellong ea teng. “Aa teko ea booatla”: ke matsoho ao ka boikhohomoso bohle. Eaba a tsoela pele aa qalella, ‘mele oa hlaba hlanaphetho. Matsoho a itšoarelletsa fatše, mahlo a atamela lefatše ka tsela e sitisang pono hantle; nko eona ea hla ea thimola ke lerole le kenang ka har’a eona. Maoto le menoana ea ‘ona a fokaela holimo sebakeng. “Maoto holimo!” Babohi ba hoeletsa ba qapa pina hona moo.
Maoto holimo
Ha re na mathata
Maoto holimo
Latela maoto
Re fofele holimo sebakeng
Mahlo ‘ohle a ne a shebile ho matsoho, ee! Ona ane ao haufinyana a neng a ipabola, joale ke ana a selebaletsoe ruri. A sitoa le ho sisinyeha mohato o le mong feela. Eaba a qalella ho bokolla ke bohloko ba ho imeloa. Ka mor’a mehato e se mekae, liphaka tsa thethebana, ‘mele oa re sihla! fatše. A phomo-phomola ho kha matla, a leka hape. Khetlong lena a leka ho otlolla menoana eohle hore a tsebe ho itšoareletsa empa ke monoana o motenya feela o ileng oa atleha ho sarolloha. Ao,a leka ho ema ka litšetšekoane empa ketso eo ea latoloa bosehla kaha e ne e ama le maoto. Ke mona moo menoana ea maoto e sitiloeng ho iphapanya, ea hla ea kalima lentsoehali le boima ho molomo eaba e shoele ke litšeho. A hana ho utloa matsoho hee, a tiisa a tiile empa a nna a sitoa ho phahamisa ‘mele ho ntse ho le joalo hofihlela a inehela. Maoto a bontša litsebo tsa oona, a matha, a beisa a qhoma-qhoma empa le ka mohla ‘mele ha o’a ka oa oela. Mokhopi oa tapa-tapa ka thabo le kananelo ea ketso tsena tsa maoto. Matsoho ke ho teneha, a phahama ho leka ho thiba mokhopi ona o thabileng, a lebetse hore ke ‘ona a qalileng moferefere ona oohle. Ke mona moo bohle ba ileng ba elelloa hore menoana e meholo ea matsoho e ileng ea sarolloha tekong ea pele ,e setse e sarollohile e arohane ho e meng. Eare moo ba reng ba tla tšeha ba elelloa hore leha eka ke bokooa joalo empa ke moo matsoho a khona ho itšoareletsa le hona ho nyakurela. Efela ha ho ntho e mpe e senang molemo!
E ile ea e-ba pharela joale ho litho tse ling hore na mohloli ke mang. Ho bile hoa feta matsatsi a mahlano hore ho fihleloe tharollo. Leha ho le joalo,ba sitoa ho thonya ‘mampoli kaha ba elelletsoe hore litho tseo li na le litsebo tse khethehileng, empa tse tlatsanang le tsa litho tse ling ho etsa mosebetsi o khahlehang. Tsa lula fatše hee tsa tebisa maikutlo, potso e le hore na hantle ‘mele ke eng. Ba elelloa hore ‘mele ke litho tsohle ‘moho, ‘me hore ‘mele o sebetse hantle setho ka seng se tlameha ho etsa mosebetsi oo se o reretsoeng ka bokhabane, ebe joale se tlatsana le tse ling.
Ele ho qoba hore qabang ea mofuta ona e iphete kamoso, litho tsohle li ile tsa lumellana hore ekakhona ‘mele o eme tsoe! Maoto a be tlase a thetse lefatše ebe liphaka le matsoho li ba holingoana li leketlile moeeng. ‘Mele o ile oa ananela litaba tsena ka thabo empa oa rera hore masea oohle a tla khasa pele a ka tsamaea, ele sehopotso sa setso sa habo bona. Eaba ho abuoa boikarabello: hoa thoe maoto a tla jara mong’a oona a mo ise hohle ha matsoho ‘ona a tla etsa mesebetsi, a tšoare lisebelisoa le ho isa lijo hanong. Meno a tla hlafuna lijo ebe li fetela ‘metsong le ka moholung le maleng moo li tla siloa li monyele lithong tse ling ho fihlela li tsoa ka har’a ‘mele e le mantle. Mantle ana a ka lahleloa masimong kapa a tseteloa mobung ho etsa manyolo. Moo teng ho tla hlaha limela le litholoana, matsoho a tla kotula, a je ebe joale selikalikoe sa bophelo se tsoela pele.
Lipapali le mekhoa ea boithabiso le tsona tsa abeloa litho: ho bina, ho tšeha le ho bua ea e-ba boikarabello ba molomo; ho matha le ho raha bolo ea e-ba tsa maoto, ha ele matsoho a abeloa bolo ea matsoho empa maoto a lebelloa ho thusetsa nakong ea ho matha. Mabelong, ho ne ho ikarabella maoto ka botlalo. ‘Mele oa motho oa fetoha mochinehali nakong eo, matla a oona a feta hole-hole a liphoofolo tse kholo. Leha ele mona eka tharollo e fihletsoe, litho tse ling tsa ‘mele tsa elelloa hore qeto ena e kanna ea tlisa mathata ka moso. Khang-kholo ke hore hlooho holimo mane moo e teng e tla ikhantšetsa maoto a tlase mane a thetsang lefatše kapa hona ho nahana hore litho tse ling li ikarabella ho eona tjee kaha bafo ba ikarabella ho morena. Tsa hlakisa hee hore ntlheng ea matla litho tsohle lia lekana, ebile ha setho se seng se opeloa ekakhona bohloko bona bo utluoe ke bohle. Leleme la lauoa ka thata hore oho le hopole hore sohle seo le se buang se ama ‘mele kaofela, kahona le khethe mantsoe ha le bua.
Eaba li bina pina:
‘Meleng oa rona
Ha ho mofo
‘Meleng oa rona
Ha ho mofo
Rona rea thusana
Rona rea thusana
Leleme ke lentsoe la rona
U ntšoare ke u tšoare
Re aha ‘mele o shahlileng
U ntšoare ke u tšoare
Re aha ‘mele o shahlileng
Botle ke kopanelo
Re sebetsa ‘moho
Bakeng la ‘mele o shahlileng
Re sebetsa ‘moho
Bakeng sa ‘mele o shahlileng
Kopano ea rona ke matla
Eaba ke ho qaleha ha pina ea litho tsa ‘mele, e ntseng e binoa le kajeno lena. Ena pina e bontša phapano pakeng tsa batho le liphofolo, kaha li ne li hane tsoelopele ea ho ema. Leha liphofolo tse maoto-mane li bone liketsahalo tsohle li ne li sa bontše thahasello ea ho kena phetohong ena. Li ne li bona ho bina ele booatla, li lumela hore molomo o etselitsoe ho ja qha! Eseng eng kapa eng. Eaba li ngangella pele le mekhoa ea tsona ea bophelo.
Efela ke ‘nete hore ha batho ba sebelisa litho tsa bona tsa ‘mele ka nepo, mosebetsi e ba o khotsofatsang ,empa ho se etse joalo ho ka re tšoantša le liphoofolo.
Read the English translation – The Upright Revolution: Or Why Humans Walk Upright by Ngugi wa Thiong’o
Edited and Proofread by Lineo Segoete
Litšoanelo Nei is a medical doctor with a passion for languages and reading. She speaks sesotho,English and Spanish and ocassionally writes. She took part in the local Ba re enere writing competition in 2015 and was one of the winners. She dreams of writing a book one day.
Lineo Segoete is the co-director of Ba re e ne re literary arts in Lesotho, a freelance writer and wanderer governed by creativity and a Hubert Humphrey Fellow 2016 at Vanderbilt University in Nashville Tennessee focused on arts education policy and instruction. Follow her on Twitter and Instagram.
You must be logged in to post a comment.